BIBELE

2 Samuele 7:19-29 BIBELE (SSO89SO)

19. Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna!

20. “Ekaba Davida a ka hlola a sa reng ho wena? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao, oho, Morena Modimo!

21. “Ka baka la tshepiso ya hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse tsena tse kgolo, hore mohlanka wa hao a di tsebe.

22. “Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.

23. Ke setjhaba sefe se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, e leng sona feela moo lefatsheng, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae, mme se tumise lebitso la hae? Ke sefe setjhaba seo wena o kileng wa se etsetsa tse kgolo, tse tshabehang naheng ya hao, ka ho hleka matjhaba le medimo ya wona tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta?

24. Setjhaba sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao sa kamehla yohle, mme wena Morena, o Modimo wa sona.

25. “Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.

26. Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: <Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele!> Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle.

27. “Wena, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao, wa re: <Ke tla o hahela ntlo>; ka baka lena ke bile sebete ho o rapela ka thapelo ena.

28. Wena Morena Modimo, ke wena feela o leng Modimo, mme dipolelo tsa hao ke tsa nnete. O tshepisitse mohlanka wa hao taba ena e molemo.

29. Ka baka lena ako hlohonolofatse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle, hobane wena Morena Modimo, o tshepisitse jwalo. O ke o hlohonolofatse lelapa la mohlanka wa hao ka tlhohonolofatso ya hao kamehla yohle.”