BIBELE

2 Samuele 7:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Baiseraele sebaka, ke se bee ho sona, e le hore se tle se phele sebakeng seo e leng sa sona, se se ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,

11. ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla o phomotsa ho dira tsa hao tsohle. Morena o o boleletse hore o tla hodisa lelapa la hao.

12. Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.

13. O tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae kamehla yohle.

14. Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.

15. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo hauhela, jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho hauhela Saule, eo ke ileng ka mo hleka tseleng ya hao.

16. Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.> ”

17. Nathane a phetela Davida ditaba tsena tsohle ho ya kamoo a di senoletsweng kateng.

18. Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re:“Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?

19. Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna!