BIBELE

2 Samuele 6:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. a ema, a tsamaya le setjhaba sohle se neng se ena le yena. O ne a eya Baala e Juda, ho ya lata areka ya Modimo hona teng, e nang le lebitso, e leng lebitso la Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime.

3. Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe e neng e le leralleng. Bo-Usa le Ako, bara ba Abinadabe, ba qhoba kariki eo e ntjha.

4. Ba ntsha areka ka tlung ya Abinadabe, e neng e le leralleng, mme Ako a etella areka eo ya Modimo pele.

5. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko kapele ho Morena, ba letsa diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka sefate sa modutu; ba letsa le diharepa, le dikatara, le meropa, le merutlhwana, le matlheretlhere.

6. Ha ba fihla seotlong sa Nakone, Usa a otlollela letsoho la hae arekeng ya Modimo, a e tshwara, hobane dipholo di ne di kgothometseha.

7. Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.

8. Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; yaba sebaka seo o se rea lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.

9. Ka lona letsatsi leo Davida a tshaba Morena, mme a re: “Ekaba areka ya Morena e tla ya jwang ha ka?”

10. Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.

11. Areka eo ya Morena ya qeta kgwedi tse tharo e le ha Obede-Edomo wa Mogate. Morena a hlohonolofatsa Obede-Edomo le bohle ba ntlo ya hae.

12. Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.

13. Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.

14. Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.