BIBELE

2 Samuele 23:20-31 BIBELE (SSO89SO)

20. Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.

21. A bolaya monna wa seithati wa Moegepeta, ya neng a tshwere lerumo, ha Benaya yena a ne a tshwere molamu. Benaya a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae.

22. Tsena ke tsona diketso tsa Benaya, mora wa Jehoyada, tse ileng tsa mo tumisa hara ba mashome a mararo.

23. O ne a tumile ho feta ba mashome a mararo, empa a sa tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Davida a mo etsa mookamedi wa balebedi ba hae.

24. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo. Ba bang e ne e le: Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema,

25. le Shamma wa Harode, le Eleka wa Harode,

26. le Helese wa Mopalete, le Ira, mora wa Ikeshe wa Tekowa,

27. le Abiesere wa Anatote, le Mebunai wa Husha,

28. le Salemone wa Ahohi, le Maharai wa Netofa,

29. le Helebe, mora wa Baana wa Netofa, le Itai, mora wa Ribai wa Gibea e Benjamine,

30. le Benaya wa Piratone, le Hidai wa Nahale-Gaashe,

31. le Abialebone wa Areba, le Asemafete wa Barehume,