BIBELE

2 Samuele 2:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda.Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”

5. Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela.

6. E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.

7. Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”

8. Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

9. A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.

10. Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida.

11. Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.

12. Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.

13. Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.

14. Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.”Joabe a re: “Ho lokile!”