BIBELE

2 Samuele 2:2-8 BIBELE (SSO89SO)

2. Yaba Davida o nyolohela Heborone, a ena le basadi ba hae ba babedi, Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele.

3. Davida a nyoloha le banna ba neng ba ena le yena; monna ka mong a nyoloha le lelapa la hae, mme ba aha metseng ya Heborone.

4. Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda.Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”

5. Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela.

6. E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.

7. Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”

8. Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.