BIBELE

2 Samuele 17:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Yaba Abosalome o re: “Mpitsetseng le Hushai wa Moareke, re tlo utlwa hore na yena o tla reng.”

6. Ha Hushai a fihla ho Abosalome, Abosalome a bua le yena, a re: “Ahitofele o buile tjena le tjena; na re tla ya ka dipolelo tsa hae? Haeba ho se jwalo, wena o reng?”

7. Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.”

8. Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.

9. Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: <Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela.>

10. Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.

11. “Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.