BIBELE

2 Samuele 17:21-29 BIBELE (SSO89SO)

21. Yare ha bao ba se ba tsamaile, bo-Ahimase le Jonathane ba tswa ka sekoting, ba tsamaya, ba ya bolella kgosi Davida, ba re ho yena: “Ema, o tshele noka ka potlako, hobane Ahitofele o le lohetse mano tjena le tjena.”

22. Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsamaya, ba tshela Jorodane. Ha mafube a hlaha, ho ne ho se le ya mong ya esong ho ka a tshela Jorodane.

23. Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.

24. Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.

25. Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.

26. Bo-Abosalome le Baiseraele ba hloma naheng ya Gileade.

27. Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme.

28. Ba tlisa mealo, le dikotlolo, le dipitsana tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le sebera, le dinawa, le dierekisi, le dipabi,

29. le mahe a dinotshi, le mafi, le sereledi, le dikgutshwane, le dipholo; tsena ba di nea Davida, le batho bao a neng a ena le bona, hore ba je, hobane ba ne ba re: “Batho bana ba lapile, ba kgathetse, mme ba nyorilwe mona lehwatateng.”