BIBELE

2 Samuele 17:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Haeba a ka etsa sealo ho ya kena motseng, Baiseraele bohle ba tla tlisa mehala, mme ka yona re hulele motse oo ka nokeng, ho fihlela ho se lejwe le le leng la motse oo le setseng.”

14. Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.

15. Jwale Hushai a re ho bo-Sadoke le Abiatare, e leng baprista: “Ahitofele o ile a eletsa Abosalome le baholo ba Iseraele tjena le tjena, empa nna ke ile ka mo eletsa tjena le tjena.

16. Ka baka lena he, romelang molaetsa ho Davida ka potlako, le mmolelle, le re: <Bosiung bona bona o se ke wa ba wa robaletsa diphuleng tsa lehwatata, o mpe o tshelele kamose ho noka ya Jorodane, esere kgosi le batho bohle bao e nang le bona ba timetswa.> ”

17. Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.

18. Empa moshanyana a ba bona, mme a bolella Abosalome. Bobedi ba bona ba tloha ka lehlaphahlapha, ba fihla tlung ya monna e mong, mane Bahurime. Lebaleng la ntlo ya monna eo ho ne ho ena le sekoti, mme ba theohela ka ho sona.

19. Mosadi a nka lesela, a le ala hodima molomo wa sekoti, yaba o aneha koro e tutsweng hodima lona, hore ho se ke ha bonahala letho.

20. Jwale bahlanka ba Abosalome ba kena ka tlung ya mosadi eo, ba re: “Bo-Ahimase le Jonathane ba kae?”Mosadi a re ho bona: “Ba se ba tshetse noka ya Jorodane.” Ha ba se ba batlile, mme ba sa ba fumana, ba kgutlela Jerusalema.

21. Yare ha bao ba se ba tsamaile, bo-Ahimase le Jonathane ba tswa ka sekoting, ba tsamaya, ba ya bolella kgosi Davida, ba re ho yena: “Ema, o tshele noka ka potlako, hobane Ahitofele o le lohetse mano tjena le tjena.”

22. Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsamaya, ba tshela Jorodane. Ha mafube a hlaha, ho ne ho se le ya mong ya esong ho ka a tshela Jorodane.

23. Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.

24. Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.