BIBELE

2 Samuele 16:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.

6. Monna enwa a kurutlela Davida ka majwe, a kurutlela le bahlanka bohle ba kgosi Davida, le batho bohle, le bahale bohle ba neng ba mo teetse hare.

7. Shimei ha a hlapaola Davida o ne a re: “Tloha mona! Tloha mona, wena mmolai towe ya kgopo!

8. Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!”

9. Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”

10. Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: <Hlapaola Davida!> Jwale ke mang ya ka reng ho yena: <Ke hobaneng ha o etsa tjee?> ”

11. Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.

12. Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”

13. Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole.

14. Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo.