BIBELE

2 Samuele 16:11-23 BIBELE (SSO89SO)

11. Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.

12. Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”

13. Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole.

14. Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo.

15. Abosalome le setjhaba sohle, le banna ba Iseraele, ba fihla Jerusalema, ba ena le Ahitofele.

16. Ha Hushai wa Moareke, motswalle wa Davida, a fihla ho Abosalome, a re ho yena: “Re phelele kgosi! Re phelele kgosi!”

17. Abosalome a re ho Hushai: “Na o hlile o rata motswalle wa hao? Ke hobaneng o sa tsamayeng le yena?”

18. Hushai a re ho Abosalome: “Tjhe, eo Morena le setjhaba sena sa Iseraele ba mo kgethileng, ke yena eo ke tla etsa thato ya hae, mme ke yena eo ke tla ba le yena.

19. Ebe ke ne nka sebeletsa mang, haese mora wa hae? Ke tla o sebeletsa jwalokaha ke ile ka sebeletsa ntatao.”

20. Jwale Abosalome a re ho Ahitofele: “Ako re eletse hore na re etse jwang.”

21. Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.”

22. Yaba bahlanka ba Abosalome ba mo hlomela tente kahodima ntlo, mme a kena dikobong tsa basadi ba ntatae ba mafielo, moo Baiseraele ba ntseng ba mmona.

23. Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.