BIBELE

2 Samuele 16:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine.

2. Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?”Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.”

3. Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?”Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: <Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate.> ”

4. Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.”Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”

5. Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.

6. Monna enwa a kurutlela Davida ka majwe, a kurutlela le bahlanka bohle ba kgosi Davida, le batho bohle, le bahale bohle ba neng ba mo teetse hare.