Ka letsatsi la bosupa ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mmolella hore ngwana o shwele, hobane ba ne ba re: “Bonang, ha ngwana a ne a sa phela, re ne re ye re bue le yena, ebe ha a re mamele. Ekaba jwale re tla mmolella jwang hore ngwana o shwele? A ka tshoha a intsha kotsi!”