BIBELE

2 Samuele 12:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile.

2. Morui o ne a ena le mehlapehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo;

3. athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae.

4. “Ha fihla moeti ha monna wa morui. Morui enwa a ba lekgonatha ho nka phoofolo mohlapeng wa hae wa dikgutshwane, kapa mohlapeng wa hae wa dikgomo, ho hlabela moeti enwa wa hae. Empa a nka konyana ya sethole ya mofutsana, mme a e hlabela moeti ya tjhaketseng ha hae.”

5. Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa;

6. a be a lefe konyana eo ka tse nne, hobane a hlokile mohau, a entse ntho ena e mpe.”

7. Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule.

8. Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.

9. Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone.

10. Ka baka leo, sabole e tla bolaya ba lelapa la hao kamehla yohle, hobane o nnyedisitse, wa inkela mosadi wa Uriya wa Mohete, hore e be mosadi wa hao.>

11. “Morena o bua tjena: <Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.

12. Hoo o ho entseng o ho entse ka lekunutu, empa nna ntho ena ke tla e etsa moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, tsatsi le tjhabile.> ”

13. Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.”Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.

14. Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”

15. Yaba Nathane o ikela tlung ya hae.Morena a otla ngwana eo mosadi wa Uriya a ileng a mo tswalla Davida. Ngwana eo a kula haholo.

16. Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe.