BIBELE

2 Samuele 11:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. Jwale Joabe a romela molaetsa, a tsebisa Davida tsohle tse amanang le ntwa.

19. A laela leqosa, a re: “Ha o qetile ho phetela kgosi tsohle tse amanang le ntwa,

20. eba kgosi e a halefa, e re ho wena: <Ke ka baka lang le ileng la lwanela haufi le motse hakaalo? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le fula ka metsu, ba le hodima lerako?

21. Ke mang ya neng a bolaye Abimeleke, mora wa Jerubeshete? Na hase mosadi ya neng a le hodima lerako, ya neng a mmate ka tshilwana, mme Abimeleke a shwella Tebese? Ke hobaneng le ileng la atamela pela lerako hakaalo?> Jwale wena o tle o re ho yena: <Le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.> ”

22. Yaba leqosa le a tsamaya, le fihla ho Davida, le mo phetela tsohle tseo Joabe a neng a le romile tsona.

23. Leqosa lena la re ho Davida: “Banna bano ba ile ba re fekisa. Ba ile ba tswa motseng, ba ya re lwantshetsa naheng, empa ra ba tjhetjhisa ho ya fihla kgorong ya motse.

24. Ba diqha, ba le hodima lerako, ba fula bahlanka ba hao, mme ba bang ba bahlanka ba kgosi ba ile ba bolawa; le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.”

25. Davida a re ho leqosa: “O tle o re ho Joabe: <Ntho ena e se ke ya ba ya o tshwenya, hobane sabole e nne e etse tse tjena. Tiisang matla, le futuhele motse ono, le o ripitle.> Wena o mo kgothatse jwalo.”

26. Ha mosadi wa Uriya a utlwa hore monna wa hae o bolailwe, a mo aparela bofifi.

27. Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.