BIBELE

2 Samuele 10:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu tsa mohlaare o mong, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye.

5. Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”

6. Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.

7. Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani.