BIBELE

2 Samuele 10:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamorao ho mona, kgosi ya Baamone ya eshwa, mme Hanune, mora wa yona, a e hlahlama.

2. Davida a re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, jwalokaha ntatae a ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma bahlanka ba hae ho mo isetsa matshediso, ka baka la lefu la ntatae.Ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone,

3. mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu tsa mohlaare o mong, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye.

5. Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”

6. Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.

7. Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani.

8. Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kgorong ya motse. Baarame ba tswang Soba, le ba tswang Rehobe, le banna ba tswang Tobe le Maaka, bona ba ne ba le naheng ba le bang.