BIBELE

2 Johanne 1:8-10 BIBELE (SSO89SO)

8. Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.

9. Mang le mang ya kgelohang, ya sa kgomareleng thutong ya Kreste, Modimo ha a yo ka ho yena, empa ya kgomarelang thutong ya Kreste, ke yena eo Ntate le Mora ba leng ka ho yena.

10. Haeba e mong a ka tla ho lona, feela a sa tlise thuto ena, le se ke la mo amohela malapeng a lona, leha e le hona ho mo dumedisa.