BIBELE

2 Johanne 1:10-13 BIBELE (SSO89SO)

10. Haeba e mong a ka tla ho lona, feela a sa tlise thuto ena, le se ke la mo amohela malapeng a lona, leha e le hona ho mo dumedisa.

11. Ya mo dumedisang o iketsa molekane wa hae mesebetsing ya hae e kgopo.

12. Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng.

13. Bana ba ngwaneno ya kgethilweng ba a o dumedisa.