BIBELE

1 Bathesalonika 1:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.

4. Re tseba le hore, lona bana babo rona, ba ratwang ke Modimo, le kgethilwe ke yena,

5. hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.

6. Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.

7. Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya.