BIBELE e Halalelang

Tite 3:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;

2. ba se ke ba nyefola motho, ba tshabe dikomang, ba be bonolo, ba etsetse batho bohle ka mosa wohle.

3. Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.

4. Empa mohla ho bonahatseng mohau wa Modimo, Mmoloki wa rona, le lerato la wona ho batho, o re pholositse;

5. e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,

6. oo o o tshetseng ka bongata hodima rona ka Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;

7. hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.