BIBELE e Halalelang

Tite 2:7-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.

8. Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.

9. Bolella bahlanka hore ba no utlwa beng ba bona, ba ba kgahlise nthong tsohle, ba se ke ba ba fetola,

10. ba se ke ba utswa letho, empa ba etse hohle ka botshepehi bo botle, ba tle ba hlophise thuto ya Modimo, Mmoloki wa rona, nthong tsohle.

11. Hobane mohau wa Modimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse;

12. o ntse o re ruta ho tela ho se tshabe Modimo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele nakong ya jwale ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi;

13. re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;

14. ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.

15. Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.