BIBELE e Halalelang

Tite 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele wena, o bolele tse lokelang thuto ya pholoho.

2. Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.

3. Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,

4. ba tle ba hlalefise ba batjha, ba ba rute ho rata banna ba bona, le ho rata bana,

5. ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa.

6. Banna ba batjha le bona o ba kgothatse, hore ba phele ka kelello.

7. Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.