BIBELE e Halalelang

Tite 1:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. mme o senotse nakong ya teng lentswe la wona, ka polelo eo ke e laetsweng ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona,

4. ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.

5. Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela;

6. ha o ka fumana monna ya se nang sekodi, e le monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang, ba sa nyatsuweng ka ho re ke dihlola, kapa ba sa utlweng.

7. Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;

8. empa e be motho ya amohelang baeti, ya ratang batho ba molemo, ya hlalefileng, ya lokileng, ya halalelang, ya phelang ka boitshwaro;

9. ya tiyang thutong ya nnete jwalokaha e rutilwe, a tle a lokele le ho kgothatsa ka thuto ya pholoho, le ho hlola bahanyetsi.

10. Hobane ba bangata ba teng, haholo hara ba lebollo, ba hanang ho utlwa, ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang,