BIBELE e Halalelang

Tite 1:10-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Hobane ba bangata ba teng, haholo hara ba lebollo, ba hanang ho utlwa, ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang,

11. bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.

12. E mong wa habo bona, e bileng moporofeta wa bona, o itse: Bakreta ke mahata kamehla, ke diphoofolo tse mpe, ke dimpa tse botswa.

13. Bopaki boo ke ba nnete; ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, tumelo ya bona e tle e hloke sekodi;