BIBELE e Halalelang

Tite 1:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nna, Pauluse, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ho isa bakgethwa ba Modimo tumelong le tsebong ya nnete e leng ka borapedi,

2. ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,

3. mme o senotse nakong ya teng lentswe la wona, ka polelo eo ke e laetsweng ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona,

4. ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.

5. Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela;

6. ha o ka fumana monna ya se nang sekodi, e le monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang, ba sa nyatsuweng ka ho re ke dihlola, kapa ba sa utlweng.

7. Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;