BIBELE e Halalelang

Sofonia 3:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ya ditjhaba, e tle e be e hlwekileng, di tle di bitse kaofela lebitso la Jehova, di mo sebeletse ka pelo e le nngwe.

10. Barapedi ba ka, e leng ba setjhaba sa ka se hasaneng, ba tla tla ba etswa naheng e kapele ho dinoka tsa Kushe, ba ntlisetse dinyehelo.

11. Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.

12. Ke tla siya kahare ho wena setjhaba se kokobetseng, se fokolang, mme ba tla tshepa lebitso la Jehova.

13. Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!

14. Duduetsa ka thabo, moradi wa Sione! Iseraele, o hlabe ditlatse! O thabe, o be o nyakalle ka pelo yohle, wena moradi wa Jerusalema!

15. Jehova o tlositse dikahlolo tsa hao, o fietse eo e leng sera ho wena; morena wa Iseraele, Jehova, o kahare ho wena: ha o sa tla hlola o bona bobe.

16. Tsatsing leo, ho tla thwe ho Jerusalema: Sione, o se ke wa tshaba! Matsoho a hao a se ke a tepella!

17. Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.

18. Ke tla bokella hammoho ba llelang diphutheho tse mahlonoko; ba tswile ho wena; ba imelwa ke nyatso!

19. Bona, nakong eo, ke tla ba le taba le bahlorisi ba hao kaofela, ke pholose se hlotsang, le se qhadilweng ke se bokelle, mme ke tla ba etsa ba roriswang le ba tumileng mafatsheng wohle, moo ba ileng ba hlajwa ke dihlong.

20. Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.