BIBELE e Halalelang

Sofonia 3:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ke timeditse ditjhaba, marako a tsona a helehile; ke sentse mmila ya tsona; ho bile ho se ho se ya tsamayang teng, metse ya tsona e senyehile, ho bile ho se ho se le motho teng, ha ho sa le ya ka ahang teng.

7. Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.

8. Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha ditjhaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tshollele hodima yona kgalefo ya ka, ho tuka hohleha bohale ba ka; hobane ka mollo wa poulelo ya ka lefatshe lohle le tla tjheswa.

9. Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ya ditjhaba, e tle e be e hlwekileng, di tle di bitse kaofela lebitso la Jehova, di mo sebeletse ka pelo e le nngwe.

10. Barapedi ba ka, e leng ba setjhaba sa ka se hasaneng, ba tla tla ba etswa naheng e kapele ho dinoka tsa Kushe, ba ntlisetse dinyehelo.

11. Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.

12. Ke tla siya kahare ho wena setjhaba se kokobetseng, se fokolang, mme ba tla tshepa lebitso la Jehova.