BIBELE e Halalelang

Sofonia 3:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho madimabe motse o ikgantshang, o ditshila, motse o hlorisang!

2. Ha o mamele lentswe, ha o amohele kgalemelo, ha o tshepe Jehova; ha o atamele ho Modimo wa wona.

3. Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;

4. baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao.

5. Jehova o lokile kahare ho wona; ha a etse bokgopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntshetsa kahlolo ya hae leseding, ha a lese ho etsa jwalo; empa molotsana ha a tsebe dihlong.

6. Ke timeditse ditjhaba, marako a tsona a helehile; ke sentse mmila ya tsona; ho bile ho se ho se ya tsamayang teng, metse ya tsona e senyehile, ho bile ho se ho se le motho teng, ha ho sa le ya ka ahang teng.

7. Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.

8. Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha ditjhaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tshollele hodima yona kgalefo ya ka, ho tuka hohleha bohale ba ka; hobane ka mollo wa poulelo ya ka lefatshe lohle le tla tjheswa.

9. Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ya ditjhaba, e tle e be e hlwekileng, di tle di bitse kaofela lebitso la Jehova, di mo sebeletse ka pelo e le nngwe.