BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 7:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moradi wa morena, maoto a hao a matle hakakang dirwalong tsa wona! Dithopola tsa dinoka tsa hao di jwaloka mekgabo e sebeditsweng ke moetsi wa sebele;

2. theka la hao ke mohope o holokaneng, o tletseng veine e tswakilweng; sefuba sa hao se jwaloka setha sa mabele se dikilweng ke mehaladitwe.

3. Matswele a hao a mabedi eka mafahlana a mabedi a tshephe;

4. molala wa hao eka tora e sebeditsweng ka dinaka tsa tlou; mahlo a hao a jwaloka matsha a Heshbone, monyakong wa Bathe-Rabbime; nko ya hao e jwaloka tora ya Lebanone e lebileng nqa Damaseka;

5. hlooho ya hao e phahamile, e tshwana le Karmele, mme thitsane ya hao eka purepera ya borena mahareng a letlowanyana le e tlamileng.

6. Thatohatsi ya ka, o motle hakakang, o rateha hakakang ka dikgahliso tsa hao!

7. Boemo ba hao eka ba sefate sa palema, matswele a hao eka masihla a sona.

8. Ka re: Ke tla hlwella hlorong ya sefate sa palema, ke itshwarelle ka makala a sona a lepeletseng. Matswele a hao a ke a be jwaloka masihla a morara, monko wa phefumoloho ya hao o be jwaloka wa apole;

9. molomo wa hao o be jwaloka veine e monate e phallelang ho moratuwa wa ka, e buisang melomo ya ba robetseng.

10. Nna ke wa moratuwa wa me, lerato la hae le lebile ho nna.