2. Moratuwa wa me o theohetse serapeng sa hae, pela ditema tsa dinonetso, ho fudisa hara difate le ho kga mehaladitwe.
3. Ke wa moratuwa wa me, mme moratuwa wa me, yena, ke wa me, o fudisa hara mehaladitwe. —
4. Thatohatsi ya ka, o motle jwaloka Thirtsa, o lakatseha jwaloka Jerusalema; le teng o tshabeha jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona.
5. Faposa mahlo a hao ho nna, etswe a mpherekanya. Thitsane ya hao eka mohlape wa dipodi tse fulang meepeng ya Gileade.
6. Meno a hao a jwaloka mohlape wa dinku tse tswang ho hlatsuwa; kaofela ha tsona di tswetse mafahla, ha ho e nngwe ho tsona e nyopileng.
7. Marama a hao eka dipatsolo tsa kharanata kamora lesira la hao ...
8. Mafumahadi a borena a teng moo a mashome a tsheletseng, a nang le direthe tse mashome a robileng meno e le mmedi, le barwetsana ba sa balweng.
9. Empa leebanakgorwana la ka, mohlweki wa ka, o mong feela; ke ngwana ya nnotshi ho mmae, moratuwa wa ya mo tswetseng. Barwetsana ba mmone, mme ba re, o lehlohonolo; mafumahadi le direthe ba mo rorisa.
10. Elwa ke mang ya hlahang jwaloka mafube, e motle jwaloka kgwedi, ya hlwekileng jwaloka letsatsi, ya tshabehang jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona?
11. Ke theohetse serapeng sa difate tsa diperekisi, ho lekola botala bo botjha ba phula, ho bona merara ha e se e fina masihla, le kharanata ha e se e thunya.
12. Ha ke a ka ka tseba hobane moya wa me o nkisitse pela makoloi a setjhaba sa mahosana.
13. Kgutla, kgutla, Sulamithe; kgutla, kgutla, re tle re o tadime. — Na le tadimelang Sulamithe jwalokaha eka e le diema tse pedi tsa mohobelo.