BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 5:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.

2. Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.

3. Ke hlobotse kobo ya ka; ke tla e apara jwang? ke hlatswitse maoto a ka; ke tla a silafatsa jwang?

4. Moratuwa wa me a kenya letsoho la hae ka lesobeng la monyako, mme pelo ya me ya mo opela.

5. Ka tsoha ho bulela moratuwa wa me, mme matsoho a me a ne a rotha mirra, le menwana ya me e ne e rotha mirra e kwellang ditshepeng tsa senotlolo.

6. Ka bulela moratuwa wa me, empa moratuwa wa me o ne a se a tlohile, a ile; moya wa me o ne o idibana ha a bua le nna; ka mmatla, mme ha ke a ka ka mmona; ka mmitsa, mme ha a ka a araba.

7. Ka fumanwa ke dibohodi tse potapotang motseng; tsa nkotla tsa nthoba; ba lebelang marako ba nkamoha lesira la me.

8. Baradi ba Jerusalema, ke a le antsha, ke re: Ha le bona moratuwa wa me, na le tla reng ho yena? ... Le re: Ke bohloko ke lerato.

9. Moratuwa wa hao o na le eng eo a fetang moratuwa e mong ka yona, wena e motle hara basadi? Moratuwa wa hao o na le eng eo a fetang moratuwa e mong ka yona, ha o re antsha hakalo?

10. Moratuwa wa me o mosweu, o bile o mofubedu; o kgetheha mahareng a ba dikete tse leshome;

11. hlooho ya hae ke kgauta e tshekehileng, thitsane e forehileng ya hae e tshwana jwaloka lepheo la mokgwabane;

12. mahlo a hae a jwaloka a maebakgorwana pela melatswana, a hlatswehileng ka lebese, a dutseng naleng.