BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 4:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bona, o motle, thatohatsi ya ka! bona, o motle! Mahlo a hao eka a leebakgorwana kamora lesira la hao; moriri wa hao o jwaloka mohlape wa dipodi tse fulang meepeng ya thaba ya Gileade.

2. Meno a hao a jwaloka mohlape wa dinku tse kutilweng, tse tswang ho hlatsuwa; kaofela ha tsona di tswetse mafahla, ha ho e nngwe ho tsona e nyopileng.

3. Melomo ya hao eka tshwele ya karmine; molomo wa hao o a kgahleha; marama a hao eka dipatsolo tse pedi tsa kharanata kamora lesira la hao.

4. Molala wa hao o jwaloka tora ya Davida e haheletsweng polokelo ya dibetsa; dithebe tse sekete di fanyehilwe teng, thebe tsohle tsa diqhenqha.

5. Matswele a hao eka mafahlana a tshephe, a fulanga hara mehaladitwe.

6. Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, ke tla ya thabeng ya mirra le thoteng ya dibano.

7. Thatohatsi ya ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekodi ho wena.