BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 1:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Baradi ba Jerusalema, ke motshwana, empa ke motle jwaloka ditente tsa Kedare, jwaloka dilepello tsa tente ya Salomone.

6. Le se ke la ntadima ha ke le motshwana, hobane ke tjhele ke letsatsi; bara ba mmè, ha ba nkgalefetse, ba mpeile ho disa merara, mme merara e leng ya me ka sebele ha ke a e disa.

7. Wena ya ratwang ke moya wa me, mpolelle moo o disang, moo o bothisang mohlape wa hao motshehare; hobane nka tshwana keng le mosadi ya lelerang hara mehlape ya dithaka tsa hao?

8. Ha o sa tsebe, wena e motle hara basadi, o latele mehlala ya dinku, o fudise dipotsanyane tsa hao pela maphephe a badisa. —

9. Thatohatsi ya ka, ke o tshwantsha le semathi sa dipere tsa makoloi a Faro.

10. Marama a hao a matle dipakeng tsa meqhaka, le molala wa hao dipakeng tsa masihla.

11. Ke tla o etsetsa meqhaka ya kgauta e homilweng ka mahlo a silefera.

12. Morena ha a ntse a dutse tafoleng, nareda ya me e ntse e ntsha monko wa yona.

13. Moratuwa wa me o ho nna jwaloka letlenyana la mirra le hoketsweng sefubeng sa me.

14. Moratuwa wa me o ho nna jwaloka lesihla la kiprese merareng ya Ene-Gedi.

15. Bona, o motle, thatohatsi ya ka, o motle; mahlo a hao eka a leebakgorwana.

16. Moratuwa wa me, bona, o motle, o a rateha; tao tsa rona ke botala.