BIBELE e Halalelang

Numere 9:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.

15. Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.

16. Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo.

17. Enere ha leru le phahama, le tloha hodima tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; mme moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng.

18. Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ya Jehova. Ha leru le ne le ntse le dutse hodima tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.

19. Ha leru le ne le duladula halelele hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, mme ba ne ba sa tlohe.

20. Le ha leru le ne le dula hodima tabenakele matsatsi a seng makae, ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, mme ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova.

21. Leha leru le ne le dula teng ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, mme le ne le phahama hosasa, ba ne ba tloha; ha leru le ne le phahama kamora letsatsi le le leng le bosiu bo le bong, ba ne ba tloha.

22. Ha leru le ne le dula hodima tabernakele matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho fetisa kgwedi, bana ba Iseraele ba ne ba hlola teng ba emisitse, ba sa tlohe; ha le ne le phahama, ba ne ba tloha.

23. Ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, hape ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova: ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, kamoo Jehova a neng a laetse ka Moshe kateng.