BIBELE e Halalelang

Numere 9:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha e mong ho lona le ho meloko ya lona a silafetse ka baka la mofu, kapa a etetse hole, o tla etsetsa Jehova Paseka.

11. Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka nako ya manstiboya; ba tla e ja ka mahobe a se nang ditomoso le ka meroho e babang;

12. ba ke ke ba siya letho la yona le ka sallang hosasane; ba ke ke ba roba lesapo la yona, leha le le leng; ba tla e etsa ka ditaelo tsohle tsa Paseka.

13. Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.

14. Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.

15. Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.

16. Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo.

17. Enere ha leru le phahama, le tloha hodima tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; mme moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng.

18. Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ya Jehova. Ha leru le ne le ntse le dutse hodima tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.

19. Ha leru le ne le duladula halelele hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, mme ba ne ba sa tlohe.