BIBELE e Halalelang

Numere 9:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka kgwedi ya pele ya selemo sa bobedi hobane Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova a bua le Moshe feelleng la Sinai, a re:

2. Bana ba Iseraele a ba ke ba etse Paseka ka nako e beilweng.

3. Le tla e etsa ka nako e beilweng, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi yona ena, ka nako ya mantsiboya; le tla e etsa ka ditaelo tsohle le ka melao yohle e beetsweng yona.

4. Yaba Moshe o bolella bana ba Iseraele hore ba etse Paseka:

5. ba etsa Paseka feelleng la Sinai, ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya. Tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe, bana ba Iseraele ba di etsa jwalo.

6. Empa ho ne ho le batho ba bang ba silafetseng ka baka la motho ya shweleng, ba sitilweng ke hona ho etsa Paseka ka tsatsi lona leo. Yaba ba itlhahisa ho Moshe le ho Aarone ka lona tsatsi leo;

7. mme batho bao ba re ho Moshe: Re silafetse ka baka la motho ya shweleng, mme re ka thibelwa keng ho hlahisa kabelo ya Jehova hara bana ba Iseraele ka nako e beilweng na?

8. Moshe a re ho bona: Emang, ke tle ke mamele seo Jehova a tlang ho ntaela sona bakeng sa lona.

9. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

10. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha e mong ho lona le ho meloko ya lona a silafetse ka baka la mofu, kapa a etetse hole, o tla etsetsa Jehova Paseka.

11. Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka nako ya manstiboya; ba tla e ja ka mahobe a se nang ditomoso le ka meroho e babang;

12. ba ke ke ba siya letho la yona le ka sallang hosasane; ba ke ke ba roba lesapo la yona, leha le le leng; ba tla e etsa ka ditaelo tsohle tsa Paseka.