BIBELE e Halalelang

Numere 8:4-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.

5. Jehova a bua le Moshe, a re:

6. O nke Balevi hara bana ba Iseraele, o ba hlwekise.

7. Seo o tla ba etsetsa sona hore o ba hlwekise ka sona, ke sena: O foke hodima bona ka metsi a hlatswang sebe; ba ipeole mmele oohle ka lehare; ba hlatswe diaparo tsa bona, mme ba itlhwekise.

8. Ba tla nka pohwana ya kgomo, le nyehelo ya yona, le lefi la phofo le dubilweng ka ole; o tla nka pohwana e nngwe, e be sehlabelo sa sebe.

9. O tla atametsa Balevi pela tente ya pokano, mme o tla mema phutheho yohle ya bana ba Iseraele.

10. O tla atametsa Balevi pela Jehova, mme bana ba Iseraele ba tla bea matsoho a bona hodima Balevi.

11. Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova.

12. Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.

13. O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang;

14. o tla kgetha Balevi ho bara ba Iseraele; mme Balevi e tla ba ba ka.

15. Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang.

16. hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.

17. Hobane matsibolo wohle a bana ba Iseraele ke a ka, a batho le a dikgomo: ke ikgethetse wona mohla ke otlang matsibolo wohle lefatsheng la Egepeta.

18. Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.

19. Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.