BIBELE e Halalelang

Numere 8:21-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona. Aarone a ba hlahisa pela Jehova e le kabelo e tsokotswang, a ba etsetsa pheko hore ba tla ba hlweke.

22. Kamora tseo, Balevi ba kena ho etsa tshebetso ya tente ya pokano, pontsheng ya Aarone le bara ba hae; kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng bakeng se Balevi, ha fela ha etswa jwalo bakeng sa bona.

23. Jehova a bua le Moshe, a re:

24. Tse beetsweng Balevi ke tsena: Ho tloha selemong sa hae sa mashome a mabedi a metso e mehlano, le ho ya pele, Molevi e mong le e mong o tla kena tshebetsong ya tente ya pokano;

25. ha a le dilemo tse mashome a mahlano o tla tswa tshebetsong, mme a ke ke a hlola a e etsa.

26. A ka nna a thusa banababo tenteng ya pokano ho boloka tse tshwanetseng ho hlokomelwa, empa a se ke a tlangwa hore a sebetse. Tse beetsweng Balevi bakeng sa mosebetsi wa bona, o tla di phetha jwalo.