BIBELE e Halalelang

Numere 6:7-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. A se ke a itshilafatsa ka ntatae; leha e le ka mmae, leha e le ka ngwanabo, leha e le ka kgaitsedie, ha ba shwele, hobane boikgethelo ba hae ba ho ikgethela Modimo bo hloohong ya hae.

8. Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae o kgethetswe Jehova.

9. Ha e mong a ka tshoha a eshwa hanghang haufile yena, mme hlooho ya hae e kgethehileng e silafatswa ke hona, o tla e beola ka tsatsi la ho itlhwekisa ha hae, o tla e beola ka tsatsi la bosupa.

10. Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisetsa moprista, monyako wa tente ya pokano, maebanakgorwana a mabedi, kapa maebana a mabedi.

11. Moprista o tla etsa ka le leng sehlabelo sa sebe, ka le leng a etse setjheso; o tla mo etsetsa pheko ya sebe seo a leng ho sona ka baka la setopo seo; hape ka tsatsi leo o tla halaletsa hlooho ya hae.

12. O tla boela a kgethele Jehova ditshiu tsa bonasari ba hae, mme o tla tlisa konyana e tona e lemo se le seng, e be sehlabelo sa molato; hobane matsatsi a fetileng a ke ke a balwa, hobane bonasari ba hae bo ile ba silafala.

13. Ke ona molao wa bonasari. Etlare hobane matsatsi a bonasari ba hae a phethehe, monasari o tla tliswa monyako wa tente ya pokano.

14. O tla hlahisetsa Jehova kabelo ya hae, e leng konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso; le sethole sa nku se se nang sekodi, se lemo se le seng, e be sehlabelo sa sebe, le pheleu e se nang sekodi, e be sehlabelo sa teboho;

15. le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, le dinkgwana tse entsweng ka lefi la phofo, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso a tlotsitsweng ka ole, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona.

16. Moprista o tla hlahisa dintho tseo pela Jehova, mme o tla hlahisa sehlabelo sa monasari sa sebe le setjheso sa hae.

17. Ka pheleu o tla etsetsa Jehova sehlabelo sa teboho, hammoho le ka sona seroto sa mahobe a se nang ditomoso; o tla hlahisa nyehelo ya hae le dino tsa hae.

18. Monasari o tla beola hlooho e kgethehileng ya hae monyako wa tente ya pokano; o tla nka moriri wa hlooho e kgethehileng ya hae, mme a o kenye mollong o katlasa sehlabelo sa teboho.

19. Moprista o tla nka letsoho la pheleu le butswitseng, le senkgwana se seng se se nang ditomoso, le leqebekwane le leng le se nang ditomoso; o tla di bea diatleng tsa monasari, hlooho e kgethehileng ya hae ha e se e beotswe;