BIBELE e Halalelang

Numere 6:19-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Moprista o tla nka letsoho la pheleu le butswitseng, le senkgwana se seng se se nang ditomoso, le leqebekwane le leng le se nang ditomoso; o tla di bea diatleng tsa monasari, hlooho e kgethehileng ya hae ha e se e beotswe;

20. moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.

21. Ke oo molao wa ya iketsang monasari ka kano; ke eo nyehelo ya monasari ho Jehova, ho sa balwe tsee a ka nnang a mo abela tsona kamoo matla a hae a leng kateng: o tla phetha se laelwang bakeng sa kano ya hae kamoo molao wa bonasari o leng kateng.

22. Jehova a bua le Moshe, a re:

23. Bua le Aarone, le bara ba hae, o re: A le ke le hlohonolofatseng bana ba Iseraele jwalo, le re ho bona:

24. Jehova a o hlohonolofatse, mme a o boloke!

25. Jehova a o kgantshetse sefahleho sa hae, mme a o hauhele!

26. Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho wena, mme a o fe kgotso!

27. Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.