BIBELE e Halalelang

Numere 6:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,

3. o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.

4. Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, a se ke a ja letho le tswang morareng, ho qala ka thootsenyana ya tholwana ho isa ho letlalo la yona.

5. Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.

6. Ka ditshiu tsohle tsa ho ikgethela Jehova ha hae, a se ke a atamela setopo se shweleng.

7. A se ke a itshilafatsa ka ntatae; leha e le ka mmae, leha e le ka ngwanabo, leha e le ka kgaitsedie, ha ba shwele, hobane boikgethelo ba hae ba ho ikgethela Modimo bo hloohong ya hae.

8. Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae o kgethetswe Jehova.

9. Ha e mong a ka tshoha a eshwa hanghang haufile yena, mme hlooho ya hae e kgethehileng e silafatswa ke hona, o tla e beola ka tsatsi la ho itlhwekisa ha hae, o tla e beola ka tsatsi la bosupa.

10. Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisetsa moprista, monyako wa tente ya pokano, maebanakgorwana a mabedi, kapa maebana a mabedi.

11. Moprista o tla etsa ka le leng sehlabelo sa sebe, ka le leng a etse setjheso; o tla mo etsetsa pheko ya sebe seo a leng ho sona ka baka la setopo seo; hape ka tsatsi leo o tla halaletsa hlooho ya hae.