BIBELE e Halalelang

Numere 4:8-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.

9. Ba tla nka lesela la purepera, ba kwahele ka lona kandelare e bonesang, le dilampi tsa yona, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa molora, le dipitsa tsohle tsa yona tsa ole, tseo ho etswang mosebetsi wa yona ka tsona;

10. ba tla phuthela kandelare le mesebetsi yohle ya yona sekgurumetsong sa matlalo a diqibi, mme ba tla e bea mejarong.

11. Hodima aletare ya kgauta, ba tla ala lesela la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya mejaro ho yona.

12. Ba tla nka mesebetsi yohle eo ho etswang tshebetso yohle ka yona sehalalelong; ba tla e phuthela leseleng la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba e bee hodima mejaro.

13. Ba tla ola molora o aletareng, ba ale hodima yona lesela la purepera.

14. Kahodima yona, ba tla bea dintho tsohle tsa tshebetso ya yona, e leng dipitsa tsa dibano, le difereko, le dikgarashwana, le mehope ya dinwelo, le mesebetsi yohle ya aletare; ba tla ala kahodimo sekgurumetso sa matlalo a diqibi, ba kenye ho yona mejaro.

15. Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.

16. Eleasare, mora Aarone, moprista, o tla hlahloba ole ya kandelare, le dibano tse nkgang hamonate, le sehlabelo sa kamehla, le ole ya setlolo, a hlahlobe tabernakele yohle, le tsohle tse ka ho yona, e leng tsa sehalalelo le mesebetsi ya sona.

17. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:

18. Le se ke la etsa taba e ka tlosang leloko la matlo a Bakehathe mahareng a Balevi,

19. le mpe le ba etsetse hona, ba tle ba phele, mme ba se ke ba eshwa, ha ba tshoba ba atamela sehalaledisiso: Aarone le bara ba hae ba ke ba kene, ba ba laele e mong le e mong mosebetsi wa hae le phahlo ya hae,

20. empa ba se ke ba kena ho ya bona dintho tse kgethehileng leha e le ka motsotsonyana, esere ba eshwa.

21. Jehova a bua le Moshe, a re:

22. A ho ke ho balwe bara ba Gershone, ba ngolwe ka matlo a bontata bona le ka matlo a bona.