BIBELE e Halalelang

Numere 4:31-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Ke tsena tseo ba tlang ho di jara le ho di baballa, e leng tsa tshebetso ya bona tenteng ya pokano: Dipolanka tsohle tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa tsona;

32. le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.

33. Ke yona tshebetso ya bara ba matlo a Bamerari, e leng tshebetso ya bona tenteng ya pokano, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.

34. Moshe, le Aarone, le marena a phutheho, ba ngola bara ba Kehathe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,

35. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ha ngolwa bohle ba etsang tshebetso ya tente ya pokano.

36. Bakehathe ba ngodilweng ka matlo a bona, ya eba dikete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.

37. Ke bao ba ngodilweng ba matlo a Bakehathe bohle, ba sebetsang ka tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe.

38. Haele bara ba Gershone ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,

39. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba kenang tshebetsong ya tente ya pokano,

40. ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona, ya eba dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng a mashome a mararo.

41. Ke bona bao ba ngodilweng ba matlo a bara ba Gershone, bohle ba sebetsang tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova.

42. Haele ba matlo a bara ba Merari, ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,

43. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba kenang tshebetsong ya tente ya pokano,