BIBELE e Halalelang

Numere 4:20-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. empa ba se ke ba kena ho ya bona dintho tse kgethehileng leha e le ka motsotsonyana, esere ba eshwa.

21. Jehova a bua le Moshe, a re:

22. A ho ke ho balwe bara ba Gershone, ba ngolwe ka matlo a bontata bona le ka matlo a bona.

23. O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.

24. Tshebetso ya ba matlo ya Bagershone ke ena, seo ba tla se sebetsa, le seo ba tla se jara:

25. Ba tla jara masela a tabernakele le tente ya pokano, le sekwahelo sa yona, le sekgurumetso sa matlalo a diqibi se bewang kahodima sona,

26. le lesira la monyako wa tente ya pokano; le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare, le dikgwele tsa wona, le dintho tsohle tse kenang mosebetsing wa wona; ba tla etsa mosebetsing wa wona; ba tla etsa mosebetsi wohle o tshwanelang ntho tseo.

27. Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.

28. Ke yona tshebetso ya matlo a bara ba Bagershone, tenteng ya pokano, le tseo ba tlang ho di boloka, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.

29. O tla ngola bara ba Merari, ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona.

30. O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.

31. Ke tsena tseo ba tlang ho di jara le ho di baballa, e leng tsa tshebetso ya bona tenteng ya pokano: Dipolanka tsohle tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa tsona;

32. le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.

33. Ke yona tshebetso ya bara ba matlo a Bamerari, e leng tshebetso ya bona tenteng ya pokano, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.

34. Moshe, le Aarone, le marena a phutheho, ba ngola bara ba Kehathe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,

35. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ha ngolwa bohle ba etsang tshebetso ya tente ya pokano.