BIBELE e Halalelang

Numere 4:15-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.

16. Eleasare, mora Aarone, moprista, o tla hlahloba ole ya kandelare, le dibano tse nkgang hamonate, le sehlabelo sa kamehla, le ole ya setlolo, a hlahlobe tabernakele yohle, le tsohle tse ka ho yona, e leng tsa sehalalelo le mesebetsi ya sona.

17. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:

18. Le se ke la etsa taba e ka tlosang leloko la matlo a Bakehathe mahareng a Balevi,

19. le mpe le ba etsetse hona, ba tle ba phele, mme ba se ke ba eshwa, ha ba tshoba ba atamela sehalaledisiso: Aarone le bara ba hae ba ke ba kene, ba ba laele e mong le e mong mosebetsi wa hae le phahlo ya hae,

20. empa ba se ke ba kena ho ya bona dintho tse kgethehileng leha e le ka motsotsonyana, esere ba eshwa.

21. Jehova a bua le Moshe, a re:

22. A ho ke ho balwe bara ba Gershone, ba ngolwe ka matlo a bontata bona le ka matlo a bona.

23. O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.

24. Tshebetso ya ba matlo ya Bagershone ke ena, seo ba tla se sebetsa, le seo ba tla se jara:

25. Ba tla jara masela a tabernakele le tente ya pokano, le sekwahelo sa yona, le sekgurumetso sa matlalo a diqibi se bewang kahodima sona,

26. le lesira la monyako wa tente ya pokano; le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare, le dikgwele tsa wona, le dintho tsohle tse kenang mosebetsing wa wona; ba tla etsa mosebetsing wa wona; ba tla etsa mosebetsi wohle o tshwanelang ntho tseo.

27. Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.

28. Ke yona tshebetso ya matlo a bara ba Bagershone, tenteng ya pokano, le tseo ba tlang ho di boloka, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.