BIBELE e Halalelang

Numere 4:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:

2. A ho ke ho balwe bara ba Kehathe, ba kgethwe ha bara ba Levi, mme ba ngolwe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,

3. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.

4. Ke ena tshebetso ya bara ba Kehathe ka tenteng ya pokano, bakeng sa ntho tse kgethehileng ka ho fetisa.

5. Etlare ha phutheho e tloha, Aarone le bara ba hae ba tla kena, ba fanyolle lesira la karohanyo; ba tla kwahela areka ya bopaki ka lona;

6. ba tla bea hodima yona sekgurumetso sa matlalo a diqibi, kahodimo ba tla ala lesela la purepera kahohle, mme ba tla kenya arekeng mejaro ya yona.

7. Hodima tafole ya mahobe a pontsha, ba tla ala lesela la purepera; ba tla bea hodima yona mekekana, le dinwelo, le merifi, le dipitsa tsa ditshelo; bohobe bo bewe hodima yona kamehla.

8. Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.

9. Ba tla nka lesela la purepera, ba kwahele ka lona kandelare e bonesang, le dilampi tsa yona, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa molora, le dipitsa tsohle tsa yona tsa ole, tseo ho etswang mosebetsi wa yona ka tsona;

10. ba tla phuthela kandelare le mesebetsi yohle ya yona sekgurumetsong sa matlalo a diqibi, mme ba tla e bea mejarong.

11. Hodima aletare ya kgauta, ba tla ala lesela la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya mejaro ho yona.

12. Ba tla nka mesebetsi yohle eo ho etswang tshebetso yohle ka yona sehalalelong; ba tla e phuthela leseleng la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba e bee hodima mejaro.

13. Ba tla ola molora o aletareng, ba ale hodima yona lesela la purepera.

14. Kahodima yona, ba tla bea dintho tsohle tsa tshebetso ya yona, e leng dipitsa tsa dibano, le difereko, le dikgarashwana, le mehope ya dinwelo, le mesebetsi yohle ya aletare; ba tla ala kahodimo sekgurumetso sa matlalo a diqibi, ba kenye ho yona mejaro.