BIBELE e Halalelang

Numere 36:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Hobane ha ho lefa leha le le leng hara mafa a bana ba Iseraele, le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele ho le leng, empa bana ba Iseraele ba tla kgomarela e mong le e mong lefa la leloko la bontatae.

8. Morwetsana e mong le e mong ya ruileng lefa melokong ya bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke monna wa ntlo e nngwe ya leloko la ntatae, hore bana ba Iseraele ba rue e mong le e mong lefa la bontatae.

9. Ha ho lefa le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele lelokong le leng, empa leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya bana ba Iseraele le tla kgomarela lefa la lona.

10. Baradi ba Tselofkade ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.

11. BoMakla, Thirtsa, Hogla, Milka le Nowa, e leng baradi ba Tselofkade, ba nyalwa ke bara ba borangwana bona;

12. ba nyalwa ke ba matlo a bara ba Manasse, mora Josefa; mme lefa la bona la sala lelokong la ntlo ya ntata bona.

13. Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.