BIBELE e Halalelang

Numere 36:4-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Etlare ha Jubile e hlahela bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ekeletswa ho la leloko leo ba nyetsweng ho lona, mme jwale lefa la bona le tla kgaolwa lefeng le leloko la bontata rona.

5. Moshe a bolella bana ba Iseraele, ka taelo ya Jehova, a re: Leloko la bara ba Josefa le nepile.

6. Jwale, ke sena seo Jehova a se laelang bakeng sa baradi ba Tselofkade: Ba tla nyalwa ke bao ba ithatetseng bona; empa ba tla nyalwa tlung e nngwe ya leloko la bontata bona.

7. Hobane ha ho lefa leha le le leng hara mafa a bana ba Iseraele, le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele ho le leng, empa bana ba Iseraele ba tla kgomarela e mong le e mong lefa la leloko la bontatae.

8. Morwetsana e mong le e mong ya ruileng lefa melokong ya bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke monna wa ntlo e nngwe ya leloko la ntatae, hore bana ba Iseraele ba rue e mong le e mong lefa la bontatae.

9. Ha ho lefa le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele lelokong le leng, empa leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya bana ba Iseraele le tla kgomarela lefa la lona.

10. Baradi ba Tselofkade ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.