BIBELE e Halalelang

Numere 33:45-56 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

45. Ba tloha Ije-Abarime, ba emisa Dibone-Gade.

46. Ba tloha Dibone-Gade, ba emisa Almone-Diblathaime.

47. Ba tloha Almone-Diblathaime, ba emisa thabeng tsa Abarime, pela Nebo.

48. Ba tloha thabeng tsa Abarime, ba emisa mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.

49. Ba emisa pela Jordane, ho tloha Bethe-Jeshimothe ho isa Abele-Sittime, mahwatateng a Moabe.

50. Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,

51. a re: Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,

52. le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.

53. Le tla hapa naha, mme le tla ikahela ho yona; hobane ke le neile naha, e tle e be leruo la lona.

54. Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.

55. Empa ha le sa lelekise baahi ba naha pela lona, bao le ba tlohetseng ba tla ba jwaloka meutlwa mahlong a lona, le ditsenene mahlakoreng a lona; ba tla le patisa naheng eo le ikahelang ho yona.

56. Se tlang ho etsahala, ke hoba ke tla etsa lona seo ke neng ke rerile ho ba etsa sona.